BAHLAKOANA BO KEELE - KELE FAMILY

BAHLAKOANA BO KEELE - KELE FAMILY

Menu

Keele Family Reunion: Tracing the Keele Family History

Who is Keele 

Keele logo

Keele logo

Keele e ne e le ngaka. O ne a ena le basadi ba babedi. E ne e le Mmamotsamai le Mmathole. A nyala basadi ba bang ba a robedi. Ha tsoha moferefere o ileng wa qhalanya basadi bao. Basadi bana ba robedi o ne a ba nyetse ha a ntse a eya le metse le metsana. Ba ile ba fetoha baloi. Bang ba re tsena di etsahahetse ha Sethunya Qwa-Qwa. Bana ba Mmamotsamai ba ile ba balehela Lesotho. Bana ba Mmathole ba qhalana le Afrika-Borwa. E mong wa bona ya bitswang Mmiri, a fallela Metsimatsho, Qwa-Qwa. Ditloholo-tloholwana tsa hae di ntse di fumanwa moo. Mmiri o ne a nyetse Nkgòpò, ha a sa le Ha-Sethunya, moferefereng oo wa basadi ba Keele, Nkgòpò o ne a tjhesetswe ka tlung ya hae. Baloi bane ba basadi, ba ile ba bolaya batho ba bangata, ba ileng ba fetoha dithotsela. Dithotsela tseo di ne makatsa batho bosiu ka polelo e reng: Ka Keele ha o tshele. Dikgohlano tsena tsa qhalanya ba ha Keele. Bang ba batla mesebetsi maburung Foreisetata. Bang batshela Lekwa ba aha Germiston.

Seboko le Dithoko tsa Keele

Bakwena, Bahlakwana

  • Ba pholo ya Disema,
  • maila ho ngwathelwa,
  • batho ba difaheng masihla-sihla,
  • Batho ba sa jeng qhetswana la maobane.
  • Batho bao etlare haba ja meriti e thehe
  • ho thehe e menyane ya diotlwana.
  • Ke moraparapa wa Maleshwane,
  • o rapalletse sakeng,
  • kgomo ha di mo je o nkga leshokgwa.
  • Batho ba sa jeng sehwete-moru,
  • ba itjella mabodi thoteng,
  • kgopi e tshela lekwa e apere Bahlakwana,
  • Batho ba Mmakadi ya Tsholo,
  • Batho ba MMakgolwane ya Mahase ya Bonthopi.
Family Crest Heritage Series - 600 DPI

Family Crest Heritage Series - 600 DPI

Keele History, Family Crest & Coats of Arms

Keele University

Keele university

Keele university

Keele University, Located in the Staffordshire countryside and just five miles from Stoke-on-Trent, Keele is world-renowned for its breadth of teaching and research that tackles the world's most urgent problems.

X