NYALANO KAPA SETHEPU
Meetlo ya ha Keele - Kele
E ne e se ditlhong ho ba ha Keele ho nyalana. Sethepu se ne se sa tshose kapa ho nyarosa. Basadi ba theputsang e ne e le ba amanang le monna. Ka lebaka la ho nyalana hona, ha ba le dihole tse ngata ha Keele. Ketsahalo eo ya hlahisa puo e reng: Ha Keele ke diholeng. Kgaello ya mesebetsi ya qhalanya sehlopha sane se ileng sa ya Lesotho Bongata ba tshela Mohokare ba ya Maburung Foreistata. Bang ba fetela pele Teransefala. Leha ho le jwalo ba ha Keele ba sa le bangata ka Lesotho. Ba na le metse e meholo dibakeng tse jwaloka Leribe, Masianokeng le tse ding. Ho thwe Keele o kile a kopana le Mohlomi. Mohlomi a mo ruta bongaka, le bohlale. Mohlomi ke moeletsi e moholo wa morena Moshoeshoe. Tsebo ena ya Keele ya ditlhare e ile ya sengwa ke basadi ba hae. Ho ka utlwisisa bana ba motho ya nyetseng sethepu re ba arola ka matlo. Mosadi e mong le e mong ke ntlo. Hoba le bana ba ntlo e kgolo, ho boele hape ho be le ba ntlo e nyenyaane. Ke tla hlalosa tswalano ya ntlo ya Mmathole. Ke moo re tswang teng. Ke tlohela ya Mmamotsamai ka Lesotho, le tsa basadi bane ba robedi. Hopola hore basadi ba Keele ba ne ba tseka masimo kapa lona lefa ha ba tla tsohelana matla.

